Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 7:6 - BIBELE

6 Athe Meleki-Sedeke ya sa balweng melokong ya bona, o ile a nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho Aborahama, mme a hlohonolofatsa ya neng a etseditswe ditshepiso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa ya sa balweng lelokong la bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme o hlohonolofaditse eo dipallo di etseditsweng yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa eo leloko la hae le sa balweng ho bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme a hlohonolofatsa ya nang le dipallo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa eo leloko la hae le sa balweng ho bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme a hlohonolofatsa ya nang le dipallo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 7:6
16 Referencias Cruzadas  

Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”


“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: ‘Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao.’


Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.


Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.


Jwale ditshepiso di ile tsa etsetswa Aborahama le setloholo sa hae. Mangolo ha a re “ditloholo”, e leng ho bolela batho ba bangata, empa a re “le setloholo sa hao”, e leng ho bolela motho a le mong feela, Kreste.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso,


Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa.


Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos