Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 7:5 - BIBELE

5 Jwale, hara ditloholo tsa Levi, ba amohelang boprista ba laelwa ke Molao ho nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho setjhaba, ke hore ho bana babo bona, leha e le ba tswileng lethekeng la Aborahama.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele ba bara ba Levi ba amohelang boprista, ba na le molao wa ho nka karolo ya leshome ya ntho tsa setjhaba, ke ho re, tsa banababo bona, leha ba tswile le bona lethekeng la Abrahama.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Haele ba bara ba Levi, ba amohelang boprista, ba na le taelo ya ho nka karolo ya leshome ho setjhaba, ke ho re, ho banababo bona, leha ba tswile lethekeng la Abrahama;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Haele ba bara ba Levi, ba amohelang boprista, ba na le taelo ya ho nka karolo ya leshome ho setjhaba, ke ho re, ho banababo bona, leha ba tswile lethekeng la Abrahama;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 7:5
15 Referencias Cruzadas  

Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Batho hohle ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, ba leloko la hae, ho sa balwe basadi ba bara ba hae, e bile batho ba mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.


Leha ho le jwalo, wena ha o ka ke wa haha Tempele eo, empa mora wa hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.’


Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo.


Batho bohle ba leloko la Jakobo e ne e le mashome a supileng. Josefa yena o ne a se a le Egepeta.


“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”


“Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno.


Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone.


hobane o ne a sa le lethekeng la moholoholo wa hae, mohla Meleki-Sedeke a mo kgahlanyetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos