Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 7:7 - BIBELE

7 Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Mme ha ho kganetso, e monyenyane o hlohonolofatswa ke e moholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Mme ha ho kganetso, e monyenyane o hlohonolofatswa ke e moholo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 7:7
16 Referencias Cruzadas  

Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.


Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”


A ema, a bua ke lentswe le phahameng, a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele, a re:


Jwale baprista, e leng Balevi, ba ema, ba hlohonolofatsa setjhaba. Mantswe a bona a utlwahala, mme thapelo ya bona ya fihla leahong la Modimo le halalelang, le lehodimong.


“Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


Athe Meleki-Sedeke ya sa balweng melokong ya bona, o ile a nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho Aborahama, mme a hlohonolofatsa ya neng a etseditswe ditshepiso.


Hape ha e le baprista bao ba nkang karolo e le nngwe ho tse leshome, ke batho ba shwang; athe, ha e le Meleki-Sedeke, ke ya pakilweng hore o a phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos