Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:20 - BIBELE

20 Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 mme le hahilwe hodima motheo wa baapostola le baporofeta, Jesu Kreste ka sebele sa hae ke lejwe la ntlha la motheo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Mme le hahilwe hodima motheo wa baapostola le baporofeta, Jesu Kreste ka sebele sa hae ke lejwe la ntlha la motheo;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:20
20 Referencias Cruzadas  

Hodima ao ho ne ho ena le majwe a mang a betlilweng ka makgethe, ho ya ka ditekanyetso tsa teng, ho bile ho ena le difate tsa kedare.


Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha;


Bohlale bo hahile ntlo ya bona, ba hloma ditshiya tsa yona, ba di hloma di supile;


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’


Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda, thakgisa ya tente e tswe ho yena, seqha sa ntwa le sona se tswe ho yena, le babusi bohle ba tla tswa ho yena.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.


Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.


Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe.


etswe Mangolo a re: “Sione ke bea lejwe la mantlha, le kgethehileng, la bohlokwa, mme ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


Lerako la motse le ne le ena le majwe a leshome le metso e mmedi a motheo, ao ho wona ho ngotsweng mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos