Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:21 - BIBELE

21 Ke ho yena mohaho wohle o kopantsweng hammoho, mme o holang, o fetohang tempele e halalelang ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 eo mohaho wohle o theilweng hodima hae, o kopaneng ka nqa tsohle, mme o ntse o hola ho ba tempele e kgethehileng Moreneng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Eo kaho yohle e kopantsweng hantle ka ho yena, e ntse e hola ho ba tempele e halalelang ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Eo kaho yohle e kopantsweng hantle ka ho yena, e ntse e hola ho ba tempele e halalelang ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:21
12 Referencias Cruzadas  

Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa.


Ditemoso tsa hao di tshepahala haholo; ntlo ya hao e tshwanelwa ke kgalalelo, kamehla le mehla, wena Morena.


ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona. Qalong ya tsela ena e sikileng le lerako, ho leba nqa botjhabela, ho ne ho ena le monyako oo motho a kenang dikamoreng ka wona.


Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos