Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:19 - BIBELE

19 Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme jwale, ha le sa le basele, leha e le bajaki, empa le se le le ba motse o le mong le bahalaledi, mme le ba ntlo ya Modimo,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Ka baka leo, ha le sa le basele le bajaki, empa le se le le batswalle le bahalaledi, le ba ntlo ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ka baka leo, ha le sa le basele le bajaki, empa le se le le batswalle le bahalaledi, le ba ntlo ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:19
14 Referencias Cruzadas  

Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!”


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena.


eo meloko yohle e mahodimong le lefatsheng e reeletsweng ka yena.


Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.


Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos