Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:7 - BIBELE

7 Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:7
32 Referencias Cruzadas  

Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”


Yena a re: “Kgobang matshwafo; se tshabeng! Modimo wa lona, le Modimo wa ntata lona, ke yena ya le neileng letlotlo leo le ka mekotleng ya lona. Ke ile ka amohela tjhelete ya lona.” Jwale a ba tlisetsa Simeone.


Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.


Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”


Yaba kgosi e re ho yena: “O sa buelang ditaba tsa hao? Ke qetile ka hore wena le Siba le tla arolelana naha.”


Kgosi ya re ho Barasilai: “Tshela le nna, re ye Jerusalema, mme ke tla o fepa.”


Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.


Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”


Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.


Yaba Siba o re ho kgosi: “Nna, mohlanka wa hao, ke tla etsa tsohle tseo monga ka a ntaelang tsona.” Mefiboshete a ja le kgosi, jwalokaha eka ke e mong wa bara ba kgosi.


Yaba Mefiboshete o aha Jerusalema, a nna a ja le kgosi, le hoja a ne a holofetse maoto a mabedi hakaalo.


Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?” Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.”


“Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome.


Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, mme a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.


Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”


Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko.


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.


o se ke wa kgaotsa ho rata lelapa la ka kamehla yohle; esita leha Morena a se a timeditse dira tsohle tsa Davida lefatsheng.”


Dula le nna, o se ke wa tshaba, hobane ya batlang ho mpolaya, le wena o batla ho o bolaya. O tla sireletseha ha o le ho nna mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos