Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:8 - BIBELE

8 Mefiboshete a obama, a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ke eng, hoo o ka tsotellang ntja e shweleng, e kang nna tjee?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:8
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”


Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”


Jwale Abinere a halefiswa haholo ke mantswe ao a Ishe-Boshete, mme a re: “Na nna ke ntja e lefuwang ka lesapo naheng ee ya Juda? Ke ile ka tshepahala ho ba lelapa la ntatao Saule, le ho bana babo, le ho metswalle ya hae; ebile ha ke a neelana ka wena matsohong a Davida; feela o nqosa ka phoso ya ho bokana le mosadi eo!


Hasaele a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ntja e tjee, nka etsa ntho e kgolo hakaalo?” Elisha a mo araba, a re: “Morena o mpontshitse hore wena o tla ba kgosi ya Arame.”


Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos