Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:6 - BIBELE

6 Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho. Davida a re: “Mefiboshete!” Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:6
12 Referencias Cruzadas  

A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,


Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo.


Ha a hetla a mpona, yaba o a mpitsa, mme nna ka re: ‘Ke nna enwa!’


Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”


Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.


Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.


Yaba kgosi Davida o roma maqosa Lo-Dabare ho ya lata Mefiboshete, lapeng la Makiri, mora wa Amiele.


Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale. Meriba-Baale a tswala Mmika.


Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale; Meriba-Baale a tswala Mmika.


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos