Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho. Davida a re: “Mefiboshete!” Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:6
12 Referencias Cruzadas  

A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,


Yena a fetela pele ho bona, a inamela fatshe makgetlo a supileng, a ba a fihla ho moholwane wa hae.


Eitse ha a tadima kamorao, a mpona, a mpitsa, mme ka re: Ke nna enwa.


Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.


Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.


Yaba morena Davida o romela ho mo lata ha Makire, mora Ammiele, Lodebare.


Mora Jonathane ke Meribe-Baale; mme Meribe-Baale a tswala Mikea.


Mora Jonathane ke Meribe-Baale; Meribe-Baale yena a tswala Mikea.


Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.


Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos