Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:10 - BIBELE

10 Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O mo lemele naha eo, e le wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, mme o mo tlisetse tse behwang, e be dijo tse jewang ke mora monga hao. Haele Mefiboshethe, mora monga hao, o tla nne a je tafoleng ya ka kamehla. Tsiba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:10
10 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: ‘Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate.’ ”


Seketswana sa tshelela mose ho Jorodane, ho ya lata ba lelapa la kgosi, le ho etsa seo kgosi e lakatsang ha se etswa. Hoba Shimei, mora wa Gera, a tshele Jorodane, a obamela kgosi,


Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”


Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


“Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome.


Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, mme a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.


Ka letsatsi le leng le le leng kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa.


Yare ha e mong wa ba memilweng hammoho a utlwa ditaba tseo, a re ho yena: “Ho lehlohonolo ya tla ba moketeng wa dijo Mmusong wa Modimo!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos