Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O mo lemele naha eo, e le wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, mme o mo tlisetse tse behwang, e be dijo tse jewang ke mora monga hao. Haele Mefiboshethe, mora monga hao, o tla nne a je tafoleng ya ka kamehla. Tsiba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:10
10 Referencias Cruzadas  

Morena a re: Mora monga hao o kae na? Tsiba a re ho morena: Bona, o setse Jerusalema ka ho re: Kajeno ntlo ya Iseraele e tla busetsa mmuso wa ntate ho nna.


Ba tshedisa le sekepana sa ho tshedisa ba ntlo ya morena, le ho etsa kahohle kamoo a ka ratang kateng. Haele Shimei, mora Gera, eitse hobane morena a tshele Jordane, a itihela fatshe pela morena,


Hobane bohle ba ntlo ya ntate e be e se e le batho ba lokelang ho shwa pela morena, monga ka; leha ho le jwalo, o kile wa bea mohlanka wa hao hara ba jang tafoleng ya hao. Ke sa na le tokelo efe? Nka howeletsa ka taba efe ho morena?


Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.


Haele bana ba Barsillai wa Gileade, o ba etsetse ka lereko, ba dule le ba jang tafoleng ya hao; hobane ba tlile ho nna ka lereko, mohla ke balehelang ngwaneno Absalome.


Jojakine a lahla diaparo tsa hae tsa teronko, a nna a ja bohobe pela morena ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Haele dijo tsa hae, e leng dijo tsa matsatsi wohle, a nna a di fuwa ke morena wa Babilona, ka tsatsi le leng le le leng, ho fihlela tsatsi la ho shwa ha hae, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


E mong wa ba dutseng le yena dijong, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos