Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:11 - BIBELE

11 Yaba Siba o re ho kgosi: “Nna, mohlanka wa hao, ke tla etsa tsohle tseo monga ka a ntaelang tsona.” Mefiboshete a ja le kgosi, jwalokaha eka ke e mong wa bara ba kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tsiba a re ho morena: Mohlanka wa hao o tla etsa kahohle kamoo morena, monga ka, a laetseng mohlanka wa hae kateng. Davida a re: Mefiboshethe a nne a je tafoleng ya ka, jwaloka e mong wa bara ba morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:11
8 Referencias Cruzadas  

Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.”


Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi.


Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.


Mefiboshete a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa ka o ile a nthetsa. Nna, mohlanka wa hao, ke ne ke itse ke tla iqhanehela tonki ya ka, ke e palame, ke tsamaye le kgosi, hobane ke sehlotsa;


Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.


Mefiboshete o ne a ena le mora ya neng a sa le monyenyane, lebitso la hae e le Mmika. Bohle ba neng ba phela lapeng la Siba e ne e le bahlanka ba Mefiboshete.


Yaba Mefiboshete o aha Jerusalema, a nna a ja le kgosi, le hoja a ne a holofetse maoto a mabedi hakaalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos