Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 24:12 - BIBELE

12 “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: ‘Morena o re: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 la re: Eya, o re ho Davida: Ho thwe ke Jehova: Ke o behela taba tse tharo; ikgethele e nngwe ho tsona, ke o etse yona.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:12
13 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”


Ka la hosasane ha Davida a tsoha, Morena a bua ho moporofeta Gade, senohe sa Davida, a re:


Gade a fihla ho Davida; hoba a mmolelle a mmotsa, a re: “O ikgethela eng dinthong tsee tse tharo: Sekoboto ka dilemo tse supileng naheng ya hao; ho baleha o phaladiswa ke dira tsa hao ka kgwedi tse tharo; kapa sewa ka matsatsi a mararo naheng ee ya hao? Inahane, mme o mpolelle karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”


Joabe, mora wa Seruya, o ne a ile a qala ho bala batho, empa a se ke a qeta. Ho bala setjhaba hoo ha tlisetsa Baiseraele kotlo; ka baka leo, palo eo ha ya ka ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo tsa kgosi Davida.


hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


Le nna he, ke ile ka ba lwantsha, ka ba tlisa naheng ya dira tsa bona. Empa haeba dipelo tsa bona tse thatathata di ka ikokobetsa, mme ba dumela ho otlelwa makgopo a bona,


Ba tla furalla naha, mme e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ha e ntse e se na baahi. Ba tla dumela ho otlelwa makgopo a bona, hobane ba ile ba furalla ditaelo tsa ka, mme ba hloya melao ya ka.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos