Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 24:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 la re: Eya, o re ho Davida: Ho thwe ke Jehova: Ke o behela taba tse tharo; ikgethele e nngwe ho tsona, ke o etse yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: ‘Morena o re: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:12
13 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.


Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,


Gade ha a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho yena: Hleka o re, o tlelwe ke tlala ka dilemo tse supileng naheng ya hao; kapa o re, o tla baleha ka kgwedi tse tharo pela dira tsa hao, di ntse di o lelekisa; kapa o re, ho tle lefu la sewa naheng ya hao ka tshiu tse tharo na? Ikgethele jwale, o bone hore na ke tla busetsa taba efe ho ya nthomileng.


Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.


Hobane Jehova o kgalemela eo a mo ratang, jwaloka ntata motho a yeng a kgalemele mora wa hae ya ratwang.


Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.


le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,


Naha e tla tlohelwa ke bona, mme e tla thabela Disabatha tsa yona, ha e sa ntse e senyehile, ba le siyo; ba tla lefa molato wa makgopo a bona, ka baka la hobane ba nyatsitse dikahlolo tsa ka, mme ba kgesitse melao ya ka.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos