Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 24:13 - BIBELE

13 Gade a fihla ho Davida; hoba a mmolelle a mmotsa, a re: “O ikgethela eng dinthong tsee tse tharo: Sekoboto ka dilemo tse supileng naheng ya hao; ho baleha o phaladiswa ke dira tsa hao ka kgwedi tse tharo; kapa sewa ka matsatsi a mararo naheng ee ya hao? Inahane, mme o mpolelle karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Gade ha a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho yena: Hleka o re, o tlelwe ke tlala ka dilemo tse supileng naheng ya hao; kapa o re, o tla baleha ka kgwedi tse tharo pela dira tsa hao, di ntse di o lelekisa; kapa o re, ho tle lefu la sewa naheng ya hao ka tshiu tse tharo na? Ikgethele jwale, o bone hore na ke tla busetsa taba efe ho ya nthomileng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:13
20 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”


“Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: ‘Morena o re: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.’ ”


Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.”


Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?’ Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”


leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare.


Ha feta matsatsi a supileng kamora hoba Morena a otle noka.


“Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona.


Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana.


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.


Morena o tla o otla ka lefuba, le ka feberu, le ka mokgohlane, le ka motjheso o kang wa mollo, le ka komello, le ka moya o batang, le ka hlobo. Tsena di tla o salama ho fihlela o eshwa.


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.


Morena o tla o otla ka mathopa a tla o tswa mangweleng le ditlhafung, a ke keng a phekolwa. A tla o bereha ho tloha bohatong ba leoto, ho ya fihla hara hlooho.


Se tla thibella dikgoro tsa metse ya heno, ho fihlela marako a hao, a phahameng, a diqhobosheane, ao o a tshepang, a heleha naheng yohle ya heno. Se tla thibella dikgoro tsohle tsa heno, naheng eo Morena Modimo wa hao a o neileng yona.


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos