2 Samuele 24:1 - BIBELE1 Kgalefo ya Morena ya boela ya tlokomela Baiseraele, mme Morena a hlohlelletsa Davida hore a tshwenye setjhaba, ka ho mo laela, a re: “Tsamaya, o yo bala setjhaba sa Iseraele le sa Juda.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Jehova a boela a halefela Baiseraele, mme a ba a susumelletsa Davida, a re: Eya, o bale Iseraele le Juda. Ver Capítulo |
Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.
Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’