Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 24:2 - BIBELE

2 Kgosi Davida a bua le Joabe, le balaodi ba lebotho ba neng ba ena le yena, a re: “Tsamayang hara merabe yohle ya Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le bale setjhaba, ke tle ke tsebe hore na palo ya sona e kae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena a laela Joabe, molaodi wa makgotla, eo a nang le yena, a re: Eya le meloko yohle ya Iseraele, ho qala ka Dane, le ho ya fihla Beerseba, o bale setjhaba, ke tle ke tsebe bongata ba setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:2
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


“Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.


Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.


Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


le Seleke wa Moamone, le Naharai wa Beerote, mojari wa dihlomo tsa Joabe, mora wa Seruya,


Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng.


e leng ho amoha ntlo ya Saule mmuso, le ho bea Iseraele le Juda tlasa terone ya Davida, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba.”


Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.


Davida a re ho Joabe le ho balaodi ba mabotho: “Tsamayang, le yo bala Baiseraele ho tloha Beeresheba, ho ya fihla Dane; le ntlisetse palo ya bona, ke tle ke e tsebe.”


Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Morena o bua tjena: “Ho ke ho rohakehe ya itshepisitseng batho, yena ya tshepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ya hae e furaletseng Morena.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos