Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 24:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a boela a halefela Baiseraele, mme a ba a susumelletsa Davida, a re: Eya, o bale Iseraele le Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kgalefo ya Morena ya boela ya tlokomela Baiseraele, mme Morena a hlohlelletsa Davida hore a tshwenye setjhaba, ka ho mo laela, a re: “Tsamaya, o yo bala setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:1
23 Referencias Cruzadas  

Mme jwale, le se ke la tsieleha, la itlhonamela ka hoba la na la rekisa ka nna, ka tla kwano, hobane Modimo o nthomile kapele ho lona hore ke tle ke le pholose.


Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.


Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?


Mohlang oo, morena Jorame a tswa Samaria, a bala Baiseraele bohle.


Yaba Satane o tsohela Iseraele matla, mme a susumetsa Davida hore a bale Baiseraele.


Bara ba Thola ke Ussi, Refaia, Jeriele, Jahmai, Jibsame, le Samuele; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, ke ba ha Thola; e ne e le banna ba bahale melokong ya bona. Mehleng ya Davida, ba ntlo eo e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a tsheletseng.


Bao kaofela ke bana ba Asere, e ne e le dihlooho matlung a bontata bona, banna ba kgethilweng, ba bahale, ba baholo hara mahosana. Ka ho ya ka lesika la bona, ba teng ba neng ba loketse ho futuha le ho lwana e ne e le ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng.


Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.


Mme nna, ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke atise dipontsho tsa ka le dimakatso tsa ka naheng ya Egepeta.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Ke kahoo nkileng ka ba nea dikomelo tse neng di se ntle, le melao e ke keng ya phedisa.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.


Moshe, kamoo a neng a laetswe ke Jehova kateng, a fela a ba bala, lefeelleng la Sinai.


le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.


Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos