Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:8 - BIBELE

8 “Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya lehodimo ya tsukutleha, ya reketla hobane a halefile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Teng, lefatshe la reketla, la thothomela; metheo ya mahodimo ya keqa, ya sisinyeha, kahobane a ne a halefile.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:8
13 Referencias Cruzadas  

ya e amang a tshware selepe le theko ya lerumo, a e lahlele thotobolong, e tjheswe lore!”


Tshiya tsa lehodimo le tsona di a reketla, di reketla ke ho tshoha kgalemelo ya hae.


Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.


Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele,


Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.


Letolo la hao la thwathwaretsa, la thwathwaretsa hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe, lefatshe la reketla, la sisinyeha.


Mahadima a hae a bonesa lefatshe; lefatshe le a bona, mme le a thothomela.


Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,


Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.


Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos