Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Teng, lefatshe la reketla, la thothomela; metheo ya mahodimo ya keqa, ya sisinyeha, kahobane a ne a halefile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya lehodimo ya tsukutleha, ya reketla hobane a halefile.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:8
13 Referencias Cruzadas  

eo monna ya e amang, e ka kgonang a tshware selepe kapa theko ya lerumo; mme e tjhesetswa ka mollo hona moo e leng teng.


Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.


Yaba lefatshe le a reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya keqa, ya sisinyeha, hobane a ne a halefile.


lefatshe la reketla, mahodimo a ruthutha pela Modimo, le yona Sinai pela sefahleho sa Modimo, Modimo wa Iseraele.


diaduma tsa hao tsa duma hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe; lefatshe la tshoha, la reketla.


Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa.


Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela.


Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona.


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona.


Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.


Oho, Jehova! e kile yare ha o tloha Seire, ha o tloha naheng ya Edomo, lefatshe le kile la reketla, mahodimo a qhibidiha, le maru a rotha metsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos