Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:7 - BIBELE

7 Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, e, ka ipiletsa ho Morena wa ka, a utlwa lentswe la ka a le ka Tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Matswalong a ka, ka bitsa ho Jehova, ka hoeletsa ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mme mohoweletso wa ka wa finyella ditsebeng tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:7
16 Referencias Cruzadas  

Matshwenyehong a bona ba ipiletsa ho Morena, mme a ba lopolla tsietsing ya bona.


Yaba ke rapela lebitso la Morena, ka rapela, ka re: “Oho, Morena, ako pholose bophelo ba ka.”


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.


Maraba a lefu a ne a mpotapotile, difi tsa lefu di ne di ntjhehile.


Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae.


Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’


“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos