Abinere a re ho yena: “Tlohela ho mphaladisa, o tshware e mong wa bahlankana, o ikgapele seaparo sa hae sa ntwa.” Empa Asaele a se ke a tlohela ho mo ngwanyamisa.
Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.
Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.