Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Asaele eo a phallela Abnere, a se ke a kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, ha a ntse a phalletse Abnere.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:19
9 Referencias Cruzadas  

Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


Abnere ha a hetla kamorao, a re: Na ke wena Asaele? Eo a re: Ke nna enwa.


Abnere a re ho yena: Kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tshware e mong wa bahlankana, mme o inkele dibetsa tsa hae. Asaele a mpa a hana ho mo kgeloha.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o mpe o tshabise leoto la hao bobe.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


Tiyang matla haholo ke hona ho boloka le ho etsa tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao wa Moshe, hore le tle le se ke la di kgeloha ka ho ya ho le letona, leha e le ho le letshehadi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos