Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:18
19 Referencias Cruzadas  

Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.


Joabe, mora Tseruja, a lemoha hobane pelo ya morena e hlolohetswe Absalome.


Asaele eo a phallela Abnere, a se ke a kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, ha a ntse a phalletse Abnere.


O entse maoto a ka jwaloka a kgama e tshehadi, o mpea diphahameng tsa ka.


Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo; le Elkanane, mora Dodo wa Bethlehema;


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


Haele banna ba dinatla ba makgotleng a Davida, e ne e le Asaele, moena Joabe, Elkanane, mora Dodo wa Bethlehema;


Ho Bagade ha tloha bahale ba tshwanelang ntwa ho ya e lwana, ba hlometseng thebe le lerumo; mahlo a bona a ne a tshwana le a ditau, ka lebelo ba ne ba le jwaloka matsa dithabeng; ba ne ba tlile ho Davida, ha a le seqhobong:


Esere ke wa pele ho bona; wa bobedi ke Obadia, wa boraro ke Eliabe;


Kgweding ya bone, molaodi wa bone e ne e le Asaele ngwanabo Joabe; ya mo hlahlamang ya eba mora hae Sebadia; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene.


O entse maoto a ka a kang a kgama e tshehadi, o mpeile diphahameng tsa ka.


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!


Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane!


ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.


Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be jwaloka a dikgama; o tla ntsamaisa hodima nqalo tsa ka tse phahameng. Ho mophokodi. Ka diletsa tsa ka tse tidinngwang.


Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos