Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:18 - BIBELE

18 Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:18
19 Referencias Cruzadas  

“Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.


Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome.


Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama.


O potlakisa maoto a ka jwaloka a kgama, o mpea hodima dihlaba.


Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo. Ba bang e ne e le: Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema,


“Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae.


Bahale ba bang ba Davida e ne e le Bana: Asaele, ngwanabo Joabe, le Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema,


Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba.


Wa pele e ne e le Esere, wa bobedi e le Obadiya, wa boraro e le Eliabe,


Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Ke yena Modimo ya mmatlafatsang, ya ntsamaisang tseleng e ntle;


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, kgutla, wena moratuwa, o tlole jwaloka tshepe, kapa namane ya kgama hara dithaba tse matsaranka.


Potlakela ho nna, wena moratuwa, o etsise tshepe kapa namane ya kgama, hodima thaba tse maririela a dinoko.


Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha, matla a diqhobane a ke ke a di thusa, le mohlabani a ke ke a ipholosa.


Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.


Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos