Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:9 - BIBELE

9 Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:9
15 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”


Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.


Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?”


Kgosi ya tshelela Gilegale, le Kimehame a tshela le yona. Setjhaba sohle sa morabe wa Juda sa tshedisa kgosi noka; le karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele ya etsa jwalo.


“O nnamoletse meferefereng ya setjhaba, wa nketsa mmusi wa ditjhaba, ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Yaba Davida o ya Baale-Perasime, o bolaela Bafilesita hona teng, mme a re: “Morena o ripitlile dira tsa ka jwalokaha eka di hoholwa ke metsi.” Ka lebaka leo a rea sebaka seo Baale-Perasime.


Ke ba thumisa jwaloka lerole, lerole le fefolwang ke moya, ke ba hatakela jwaloka seretse se tseleng.


Ke ile ka re ho sona: ‘Ke bo-mang ba nang le kgauta?’ Ba be ba se ba e rola, ba nnea yona. Ka e akgela mollong, yaba ho tswa namane ena.”


Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos