Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:9
15 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a nang le bona Jerusalema: Tlohang, re baleheng: ha ho se jwalo, ha ho le a mong wa rona ya tla phonyohela Absalome. Phakisang le tlohe, esere mohlomong a re tshwara sehloho, a re ntsha kotsi, a bolaya le ba motseng ka bohale ba lerumo.


Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Haele Absalome eo re neng re itlotseditse yena, o shwele ntweng; ha le bolele keng lentswe la hore ho boele ho latwe morena?


Haele morena, a fetela Gilgale, le Kimhame a fetela pele le yena. Setjhaba kaofela sa Juda sa tshedisa morena, se ena le sekoto se seng sa setjhaba sa Iseraele.


O nnamoletse le mohla diphapang tsa setjhaba sa ka. O mpolokile hore ke be hlooho ya ditjhaba. Setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe, se a ntshebeletsa.


Yaba Davida o ya Baale-Peratsime, mme Davida a ba qhala teng, a re: Jehova o entse sekgeo direng tsa ka, jwalokaha metsi a ka etsa sekgeo. Ka baka leo, lebitso la teng le bitswa Baale-Peratsime (thota ya dikgeo).


O nnamoletse le mohla diphaphang tsa setjhaba, wa mpea hlooho ya ditjhaba; setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe se a ntshebeletsa;


Ka ba ka re ho bona: Mang le mang ya nang le kgauta, a e role! Ba fela ba nneile, mme ke kentse kgauta mollong, mme ho tswile namane eo.


Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.


Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos