Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele Absalome eo re neng re itlotseditse yena, o shwele ntweng; ha le bolele keng lentswe la hore ho boele ho latwe morena?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:10
9 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a nang le bona Jerusalema: Tlohang, re baleheng: ha ho se jwalo, ha ho le a mong wa rona ya tla phonyohela Absalome. Phakisang le tlohe, esere mohlomong a re tshwara sehloho, a re ntsha kotsi, a bolaya le ba motseng ka bohale ba lerumo.


Ebile morena o a tloha, le bohle ba ntlo ya hae ba mo sala morao; morena a mpa a siya basadi ba leshome ba direthe ho lebela ntlo.


Joabe a re: Ha ke na ho dieha hakalo ka baka la hao. Yaba o nka marumo a mararo letsohong la hae, a hlaba Absalome pelong ka wona, Absalome a ntse a le hara sefate sa terebinte, a sa utlwa.


Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?


Haele morena, a fetela Gilgale, le Kimhame a fetela pele le yena. Setjhaba kaofela sa Juda sa tshedisa morena, se ena le sekoto se seng sa setjhaba sa Iseraele.


Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.


Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.


Ba re: Emang, re ba futuhele, hobane re bone naha; ke naha e ntle haholo. Le duletseng? Se tswafeng ho tsamaya le ho ya rua naha eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos