Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:10 - BIBELE

10 Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele Absalome eo re neng re itlotseditse yena, o shwele ntweng; ha le bolele keng lentswe la hore ho boele ho latwe morena?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:10
9 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”


Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.


Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.


Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: ‘Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile.


Kgosi ya tshelela Gilegale, le Kimehame a tshela le yona. Setjhaba sohle sa morabe wa Juda sa tshedisa kgosi noka; le karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele ya etsa jwalo.


Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.


Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela.


Ba re ho bona: “Emang! A re ba futuheleng, hobane re bone naha, mme re fumane e le ntle haholo. Le sa emetseng? Le se ke la tswafa ho ya kena le hapa naha eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos