Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:5 - BIBELE

5 Ka thato ya Modimo, di ile tsa ikabela Modimo pele, tsa nto ikabela le rona, le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Mme hona ha ba ka ba etsa kamoo re neng re tshepile kateng, ba mpa ba inehela pele ho Morena, le ho rona, ka ho rata ha Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mme hona ha ba ka ba etsa kamoo re neng re tshepile kateng, ba mpa ba inehela pele ho Morena, le ho rona, ka ho rata ha Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:5
15 Referencias Cruzadas  

Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.


Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.


Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona,


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia.


Ka baka leo, le nna ke mo abela Morena. Ke mo abetse Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba hae.” Yaba ba kgumamela Morena hona moo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos