Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:6 - BIBELE

6 Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ke ka baka leo re ileng ra kopa Tite hore, jwalokaha a ne a qadile, le yena a qetele ho lona mohau oo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ke ka baka leo re ileng ra kopa Tite hore, jwalokaha a ne a qadile, le yena a qetele ho lona mohau oo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:6
12 Referencias Cruzadas  

“Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo.


Hona jwale ke sa ya Jerusalema ho ya sebeletsa badumedi ba teng,


Ke kopile Tite, mme ka mo roma le ngwanabo rona e mong. Na Tite o le qhekanyeditse? Na ha re a ka ra sebetsa ka moya o le mong, ra tsamaya mohlaleng o le mong?


Empa ka se ke ka ba le phomolo moyeng, hobane ha ke a ka ka fumana ngwaneso, Tite. Yaba ke a dumedisa, mme ho tloha moo ka ya Masedonia.


Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.


Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.


Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste.


Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi.


Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos