Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:7 - BIBELE

7 e seng ka ho tla ha hae feela, empa le ka kgothatso eo a e fumaneng ho lona. O re boleletse kamoo le re hlolohetsweng kateng, kamoo le swabileng kateng, le kamoo le re tjhesehelang kateng. Kahoo ke thabile ka ho fetisisa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme hase ka ho fihla ha hae feela, hape e bile ka tshediso eo a tshedisitsweng bakeng sa lona ka yona, kamoo a re boleletseng hlolohelo ya lona kateng, ho lla ha lona, le kamoo le ntjhesehelang kateng; taba tseo tsa ba tsa nthabisa haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 E seng ka ho tla ha hae feela, empa e le ka matshediso ao a tshedisitsweng ka wona ka baka la lona, ha a re bolella tjantjello ya lona, sello sa lona, le tjheseho ya lona bakeng sa ka; hoo ke ileng ka thaba haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 E seng ka ho tla ha hae feela, empa e le ka matshediso ao a tshedisitsweng ka wona ka baka la lona, ha a re bolella tjantjello ya lona, sello sa lona, le tjheseho ya lona bakeng sa ka; hoo ke ileng ka thaba haholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:7
34 Referencias Cruzadas  

Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.


Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.


Ke lekgatheng la ho wa, ke utlwa bohloko kamehla.


Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida,


Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko.


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.


Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona.


seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.


O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


Ke le ngoletse hore ke nonye maikutlo a lona, ke tle ke be le bopaki ba hore na le mamela dinthong tsohle.


Bophelong bona re a fehelwa, ka baka la ho labalabela ho kena lehaeng la rona la bobedi, la lehodimo,


Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;


hobane le haeba lengolo la ka le ile la le swabisa, ha ke ikwahlaye ha ke le ngotse. Ke ne nka ikwahlaya ka ho bona hore lengolo leo le ile la le swabisa nakwana.


A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Le hoja ke le siyo ka seqo, ke ntse ke ena le lona ka moya, mme ke thabela ho bona kamoo le itlhophisitseng, le tiileng kateng tumelong ya lona ho Kreste.


Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.


hobane kaha le tiiseditse ho Morena, re a phela.


Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.


Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.


Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.


Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos