Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:6 - BIBELE

6 Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa Modimo, ya tshedisang ba nyahameng, o re tshedisitse ka ho tla ha Tite;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa Modimo, ya tshedisang ba nyahameng, o re tshedisitse ka ho tla ha Tite;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:6
20 Referencias Cruzadas  

Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,


Barwetsana ba tla etsa motjeko, ba nyakalle, ba nyakalle ba ena le bahlankana le wona maqheku. Bofifi ba bona bo tla fetoha e be thabo, ke ba tshedise, maswabi a bona e be nyakallo.


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,


Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu,


Ka baka leo, re tshedisehile. Kantle ho ho tshediseha hoo ha rona, re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo Tite a thabileng kateng. Moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.


Haeba ke ile ka ithorisa ka ho hong ho yena ka lona, ha ke hlajwe ke dihlong. Kamehla re buile nnete ho lona; ka mokgwa o jwalo, le boithoriso ba rona ho Tite e bile ba nnete.


e seng ka ho tla ha hae feela, empa le ka kgothatso eo a e fumaneng ho lona. O re boleletse kamoo le re hlolohetsweng kateng, kamoo le swabileng kateng, le kamoo le re tjhesehelang kateng. Kahoo ke thabile ka ho fetisisa,


Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko,


Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos