Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 3:4 - BIBELE

4 A tsebe ho busa lelapa la hae hantle, mme a etse hore bana ba hae ba mo mamele ka hlompho yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ya busang ntlo ya hae hantle, ya kgannelang bana ba hae kutlong ka bokgabane bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 e le ya busang ntlo ya hae hantle, ya nang le bana ba kutlo ka hlompho yohle;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 e le ya busang ntlo ya hae hantle, ya nang le bana ba kutlo ka hlompho yohle;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:4
10 Referencias Cruzadas  

Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


E ne e le morapedi ya tshabang Modimo, yena le lelapa la hae lohle, a etsetsa setjhaba sa Bajuda dithuso tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


Jwalokaha kereke e ikokobeletsa Kreste, ka mokgwa o jwalo basadi le bona ba ikokobeletse banna ba bona nthong tsohle.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


Mosebeletsi wa kereke e be monna ya nang le mosadi a le mong, mme a tsebe ho busa bana le lelapa la hae hantle.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Banna ba hodileng ba be le boitshwaro dinong, ba itlhomphe, ba be sedi. Ba be le tumelo, lerato le tiisetso ya nnete.


Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos