Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ya busang ntlo ya hae hantle, ya kgannelang bana ba hae kutlong ka bokgabane bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 A tsebe ho busa lelapa la hae hantle, mme a etse hore bana ba hae ba mo mamele ka hlompho yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 e le ya busang ntlo ya hae hantle, ya nang le bana ba kutlo ka hlompho yohle;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 e le ya busang ntlo ya hae hantle, ya nang le bana ba kutlo ka hlompho yohle;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:4
10 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.


Jwalokaha kereke e ikokobetsa katlasa Kreste, basadi le bona ba ikokobetse ho banna ba bona jwalo nthong tsohle.


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Hape, bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basadi ka bong, ba busang bana ba bona hantle le matlo a bona.


ha o ka fumana monna ya se nang sekodi, e le monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang, ba sa nyatsuweng ka ho re ke dihlola, kapa ba sa utlweng.


Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos