Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 3:5 - BIBELE

5 Haeba motho a sa tsebe ho busa lelapa la hae, a ka tseba jwang ho hlokomela kereke ya Modimo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane motho ha a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, a ka disa kereke ya Modimo jwang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 (Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 (Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:5
8 Referencias Cruzadas  

Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.


Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo,


Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke,


Jwalokaha kereke e ikokobeletsa Kreste, ka mokgwa o jwalo basadi le bona ba ikokobeletse banna ba bona nthong tsohle.


Polelo ena ke sephiri se seholo, mme nna ke re e lekanya Kreste le kereke.


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos