1 Samuele 6:3 - BIBELE3 Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Ebile ba re: Ha le kgutlisa areka ya Modimo wa Iseraele, le se ke la e kgutlisa e le feela, le mpe le o hlahisetse sehlabelo sa molato; kahoo le tla fola, kapa le tla tseba seo letsoho la wona le sa le tloheleng ka baka la sona. Ver Capítulo |
Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.