Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ebile ba re: Ha le kgutlisa areka ya Modimo wa Iseraele, le se ke la e kgutlisa e le feela, le mpe le o hlahisetse sehlabelo sa molato; kahoo le tla fola, kapa le tla tseba seo letsoho la wona le sa le tloheleng ka baka la sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:3
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!


O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


O lopolle letsibolo la esele ka konyana; ha o sa le lopolle, o le robe molala. O tla lopolla letsibolo la bara ba hao; hape le se ke la hlaha pela ka le sa tshwara letho.


Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato ka baka le sebe seo a se entseng, e be sa ntho e tshehadi ya tse kgutshwane, kapa nku, kapa podi, e be sehlabelo sa sebe, hore moprista a mo etsetse pheko ya sebe sa hae.


O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.


Banna ba Ashdode, ha ba bona hobane ho jwalo, ba re: Areka ya Modimo wa Iseraele e ke ke ya dula hara rona, etswe letsoho la hae le le boima hodima rona, le ho Dagone, modimo wa rona.


Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso.


Le nke areka ya Jehova, le e bee koloing; le bee le ditshwantsho tsa kgauta, tseo le mo ntshetsang tsona ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, keseng le leng, pela areka, mme le e tlohele, e ikele.


Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos