Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:2 - BIBELE

2 Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ha Bafilesta ba mema baprista le dinohe, ba re: Re tla etsang ka areka ya Jehova na? Re tsebiseng kamoo re ka e kgutlisetsang kateng ha habo yona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:2
10 Referencias Cruzadas  

Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.


Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo.


Morena, o lahlile tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, se tletse tumelo tse tswang Botjhabela, e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita, se kgomaretse meetlo ya baditjhaba.


Yaba kgosi e laela hore e bitsetswe dinohe, le balepi ba dinaledi, le baloi, le Bakalatiya, hore ba tlo e hlalosetsa toro eo e e lorileng. Ba fela ba tla, ba fihla ba ema kapele ho kgosi.


Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng.


Yaba ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, ba re ho tsona: “Re etseng ka areka ee ya Modimo wa Baiseraele?” Dikgosi tsa araba, tsa re: “Nkang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e ise Gate.” Yaba ba nka areka eo ya Modimo wa Baiseraele, ba e isa teng.


Areka ya Morena ya qeta digwedi tse supileng e le naheng ya Bafilesita.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos