Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 27:12 - BIBELE

12 Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlanka wa ka kamehla yohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 27:12
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”


Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”


Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale.


Davida o ne a sa ke be a tle Gate le monna kapa mosadi ya ntseng a phela, hobane o ne a ye a re: “Ba ka tshoha ba bolela hore Davida o entse tjena le tjena.” Ena ya eba tlwaelo ya hae ka nako yohle ha a ntse a phela naheng ya Bafilesita.


Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos