Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 28:1 - BIBELE

1 Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Tshiung tseo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona, ho ya futuha le ho lwana le Baiseraele. Akishe a re ho Davida: O tsebisise hobane o tla futuha le nna makgotleng a ka, wena le banna ba hao.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 28:1
7 Referencias Cruzadas  

Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona hore a ye ntweng; ba a kgobokanya Soko e naheng ya Juda. Ba hloma pakeng tsa Soko le Aseka e naheng ya Efese-Damime.


Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlanka wa ka kamehla yohle.”


Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa.


Ha Bafilesita ba utlwa hore bana ba Iseraele ba bokane Misepa, dikgosi tsa Bafilesita tsa nyoloha, tsa futuhela Baiseraele. Bana ba Iseraele ba utlwa hona, mme ba tshoha Bafilesita.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos