Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 27:11 - BIBELE

11 Davida o ne a sa ke be a tle Gate le monna kapa mosadi ya ntseng a phela, hobane o ne a ye a re: “Ba ka tshoha ba bolela hore Davida o entse tjena le tjena.” Ena ya eba tlwaelo ya hae ka nako yohle ha a ntse a phela naheng ya Bafilesita.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Davida o ne a sa lese monna leha e le mosadi a phela, le ho ba tlisa Gathe, a re: Ba se ke ba ya bua ka rona, ba re: Re entswe jwalo ke Davida. Ya eba wona mokgwa wa hae wa tshiu tsohle tseo a di dutseng naheng ya Bafilesta.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 27:11
7 Referencias Cruzadas  

Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Hoba ho fete letsatsi Gedaleya a bolailwe, ho eso be le motho ya ka tsebang tsa polao eo,


Davida a re ho Abiatare: “Ka letsatsi leo Doege wa Moedomo a neng a le mona ka lona, ke ne ke tsebe hore o tla phetela Saule ditaba. Batho bohle ba lelapa la ntatao ba bolailwe ka baka la ka.


Ha Akishe a botsa Davida, a re: “O ne o hlasetse kae kajeno?” Davida o ne a ye a re: “Ka borwa ho naha ya Juda,” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Jerahemeele” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Bakene.”


Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlanka wa ka kamehla yohle.”


ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos