Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:9 - BIBELE

9 Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:9
6 Referencias Cruzadas  

Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang.


Nna ke tla tswa le ntate, ke eme pela hae ha a le naheng, moo o tla be o ipatile teng, ebe ke bua ka wena ho yena. Ke tla o bolella seo ke tla se utlwa.”


Davida a botsa Jonathane, a re: “Ke mang ya tla ntsebisa haeba ntatao a o arabile hampe?”


Jonathane a howeletsa moshanyana, a re: “Matha, o potlake, o se ke wa dieha!” Moshanyana wa Jonathane a bokella metsu, a kgutlela ho monga hae.


Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: ‘Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!’ ”


Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos