Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:10 - BIBELE

10 Davida a botsa Jonathane, a re: “Ke mang ya tla ntsebisa haeba ntatao a o arabile hampe?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Davida a re ho Jonathane: Ke mang ya tla ntsebisa, ha ntatao a ka o fetola ka thata na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:10
10 Referencias Cruzadas  

“Monna eo e leng mmusi wa naha o ile a re kgarumela hampe, a hopola hore re dihlwela tse tlilo lekola naha.


Josefa a bona bana bao babo, mme a ba tseba, empa a itimeletsa bona, a ba kgarumela hampe, a re: “Le tswa kae?” Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana, re tlilo sela.”


Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona.


Mofumanehi o kopa mohau ka boikokobetso, morui ha a araba o moshashabetsa ka bohale.


Jonathane a re ho Davida: “Tloo, re ya hara naha.” Bobedi ba bona ba tsamaya, ba ya hara naha.


Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?”


Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.


Empa e mong wa bahlankana a bolella Abikaele, mohatsa Nabele, a re: “Hela! Davida o ne a romme maqosa a tswang lehwatateng, ho tlisa ditumediso ho monga rona, empa monga rona a a kgobola.


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos