Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Davida a re ho Jonathane: Ke mang ya tla ntsebisa, ha ntatao a ka o fetola ka thata na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Davida a botsa Jonathane, a re: “Ke mang ya tla ntsebisa haeba ntatao a o arabile hampe?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:10
10 Referencias Cruzadas  

Monna eo, e leng yena morena wa naha, o buile le rona kathata, a re, re tlile ho hlwela naha;


Josefa a bona banababo, a ba tseba, empa a iketsa motho ya sa ba tsebeng; a bua le bona ka matla, a re ho bona: Le tswa kae? Ba re: Re tswa naheng ya Kanana; re tlile ho reka dijo.


Morena a fetola setjhaba ka thata, a lesa keletso eo banna ba baholo ba neng ba mo eleditse ka yona.


Mofutsana o bua a rapela, empa morui o araba ka thata.


Jonathane a re ho Davida: Tloo, re tswele naheng. Ba tswela naheng ba babedi.


Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?


Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.


Empa e mong wa bahlanka ba Nabale a tsebisa Abigaile, mohatsa Nabale, a re: Bona, Davida o ne a romile manqosa, a le feelleng, ho tla dumedisa mong a rona, o mpa a ba omantse.


Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos