Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:8 - BIBELE

8 Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:8
16 Referencias Cruzadas  

“Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”


Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.


Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”


Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”


Pherekanong ya ka ka ba ka re: “Ha ho motho ya tshepahalang!”


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.”


Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”


“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!


Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.


Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.”


Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?”


Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos