Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:10 - BIBELE

10 Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo. Empa Davida a re thee! Yaba Saule o hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, mme a phonyoha hona bosiung boo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:10
20 Referencias Cruzadas  

Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha.


Morena a nnanabela a le hodimo, a nnanabela a ntshwara, a nkinola metsing a lewatle;


Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.


Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya.


Maoto a bona a titimela bobeng, a potlakela ho ya tsholla madi.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.


Empa Morena o re: “Wena Efraime, ke etse jwang ka wena? Wena Juda, ke etse jwang ka wena? Rato la lona le ka mohodi o thibang hoseng, le ka phoka ya meso e nyamelang kapele.


Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.


empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela.


Jwale ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.


Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.


Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.”


Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos