Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:11 - BIBELE

11 Ka bona bosiu boo Saule a romela maqosa ho ya lalla Davida tlung ya hae, e le hore a tle a mmolaye ka la hosasane. Empa Mikale, mohatsa Davida, a mo tsebisa taba ena, a re: “Haeba o ke ke wa baleha bosiung bona, hosasane o tla bolawa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:11
5 Referencias Cruzadas  

Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.”


Ha tsebiswa baahi ba Gasa, ha thwe: “Samosone o tlile kwano.” Ba etsetsa ntlo eo a leng ka ho yona sakanalankope, mme ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse. Ba kgutsa bosiu bohle, ba re: “Re tla mo emela ho fihlela bosiu bo esa, ebe re a mmolaya.”


Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta.


Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos