Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo. Empa Davida a re thee! Yaba Saule o hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, mme a phonyoha hona bosiung boo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:10
20 Referencias Cruzadas  

Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.


A nnamolela ho sera sa ka se matla, le ho ba ntlhoileng ba mphetang ka matla.


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


E mobe o lalla ya lokileng, o batla a ka mmolaya;


Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.


Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.


Empa yena a iphetela hara bona, a ikela.


Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.


Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.


Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos